Letsatsi la naha la temo ea lifate

Lekala la Meru le etelletse pele mosebetsi o moholo oa temo lifate letsatsing lena la naha la temo ea lifate literekeng tse leshome tsa naha. Seterekeng sa Maseru mosebetsi o moholo o bile Thaba-Bosiu Ha Ntsane moo ho bileng teng Morena oa Sehlooho oa Thaba-Bosiu, Molaoli oa Sesole sa Lesotho, Bangoli ba Baholo ba Makala a 'Muso, ' Musi oa setereke sa Maseru, baokameli ba mafapha a fapaneng a 'muso le likhoebo tse ikemetseng, bahlanka ba 'muso le ba likhoebo tse ikemetseng, bana ba likolo le sechaba ka kakaretso. Mosebetsi ona e bile o atlehileng haholo ka ts'ehetso e tsoang ho Standard Lesotho Bank, Vodacom Lesotho, Limomonane le ba bang.